Skip to main content

Sesotho - The Christian Custom of Giving Alms

Page 1

Moetlo oa Bokreste oa ho Fana ka Limpho Limpho tsa baithaopi - liaparo, lijo, kapa chelete e fuoang mafutsana

Likosepele Iponeleng hore le se ke la etsa dithuso tsa lona pela batho, hore le bonwe ke bona; ho seng jwalo le ke ke la fumana moputso ho Ntata lona ya mahodimong. Ka baka leo, ha le etsa dithuso tsa lona, le se ke la letsa terompeta pela lona, jwalokaha baikaketsi ba etsa ka disinagogeng le diterateng, hore ba tle ba roriswe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba nkile moputso wa bona. Empa ha le etsa dithuso, letsoho la lona le letshehadi le se ke la tseba seo letsoho la lona le letona le se etsang: Hore dithuso tsa lona di be sephiring; mme Ntata lona ya bonang sephiring o tla le putsa pepeneneng. Matheu 6:14 Jesu a araba a re: “ Motho e mong o ne a theohile Jerusalema ho ya Jeriko, mme a wela hara masholu, a ileng a mo hlobodisa diaparo, a mo ntsha kotsi, mme a tsamaya, a mo siya a le makhatheng a ho shwa. Moprista e mong a theoha ka tsela eo, mme ha a mmona, a feta ka lehlakoreng le leng. Ka mokgwa o tshwanang Molevi e mong, ha a le moo, a fihla, a mo sheba, mme a feta ka lehlakoreng le leng. Empa Mosamaria e mong, ha a ntse a tsamaya, a fihla moo a neng a le teng; mme ha a mmona, a mo utlwela bohloko, a ya ho yena, a tlama maqeba a hae, a a tshela ka oli le veine, a mo palamisa pelesa ya hae, a mo isa ntlong ya baeti, mme a mo hlokomela. Hosasane ha a tsamaya, a ntsha didenare tse pedi, a di nea monga ntlo, a re ho yena: ‘Mo hlokomele; mme seo o se sebedisang ho feta moo, ke tla o buseletsa sona ha ke kgutla.’ Jwale, o nahana hore ke ofe ho ba bararo bana ya neng a le moahelani wa ya wetseng hara masholu? ’ A re: ‘Ya mo utlwetseng bohloko.’ Jesu a re ho yena: “ Eya, mme le wena o etse jwalo.” Luka 10:30-37 Empa fanang ka lintho tse le tšoanelang, 'me bonang, lintho tsohle li hloekile ho lōna. Luka 11:41 Rekisang tseo le nang le tsona, 'me le fane ka limpho tsa mohau, le iketsetse mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng maholimong, moo lesholu le sa atameleng, leha e le tšoèlè e senyang. Hobane moo letlotlo la lōna le leng teng, le lipelo tsa lōna li tla ba teng le hona teng. Luka 12:33-34

Liketso Petrose le Johanne ba nyolohela hammoho tempeleng ka hora ea thapelo, e leng hora ea borobong. Monna e mong ea holofetseng ho tloha popelong ea ’m’ae o ne a jeroe, eo ba neng ba mo beha letsatsi le letsatsi monyako oa tempele o bitsoang o Motle, ho ea kopa thuso ho ba kenang tempeleng.


Turn static files into dynamic content formats.

Create a flipbook
Sesotho - The Christian Custom of Giving Alms by Filipino Tracts and Literature Society Inc. - Issuu