Linaleli Mangolong a Halalelang Ha ke nahana ka maholimo a hao, mosebetsi oa menoana ea hao, khoeli le linaleli, tseo u li behileng; Motho ke eng, hore u mo hopole, le mora oa motho, hore u mo etele? Lipesaleme 8:3-4
Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele Molimo a etsa mabone a mabeli a maholo; leseli le leholo ho busa motšehare, le leseli le lenyenyane ho busa bosiu; a etsa le linaleli. Genese 1:16 A mo isa kantle, a re: “Lelala lehodimong, o bale dinaledi, haeba o ka kgona ho di bala.” A re ho yena: “Peo ya hao e tla ba kaalo.” Genese 15:5 Hore ka ho hlohonolofatsa ke tla o hlohonolofatsa, mme ka ho atisa ke tla atisa peo ya hao jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, mme peo ya hao e tla rua kgoro ya dira tsa yona; Genese 22:17 Ke tla atisa peo ea hao joaloka linaleli tsa leholimo, 'me ke tla fa peo ea hao linaha tsena tsohle, 'me lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa peong ea hao; Genese 26:4 A lora toro e 'ngoe hape, a e phetela banab'abo, a re: Bonang, ke lorile toro e 'ngoe hape; 'me bonang, letsatsi le khoeli le linaleli tse leshome le motso o mong lia inama pel'a ka. Genese 37:9 Hopola Abrahama, Isaka, le Iseraele, bahlanka ba hao, bao u ba hlapanyelitseng ka uena, ua re ho bona: Ke tla atisa litloholo tsa lōna joalo ka linaleli tsa leholimo, 'me naha ena eohle eo ke e boletseng ke tla e fa litloholo tsa lōna, 'me li tla le rua ka ho sa feleng. Exoda 32:13 Ke tla mmona, empa e seng jwale; ke tla mmona, empa e seng haufi; ho tla tswa naledi ho Jakobo, le lere la borena le tla hlaha ho Iseraele, le tla otla dikhutlo tsa Moabe, le timetse bana bohle ba Shethe. Numere 24:17 Jehova, Molimo oa lōna, o le atisitse, ’me bonang, kajeno le ka ka linaleli tsa leholimo ka bongata. Deuteronoma 1:10 E se re mohlomong o phahamisetsa mahlo a hao lehodimong, mme ha o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a lehodimo, wa susumetswa ho di kgumamela, le ho di sebeletsa, tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba tsohle tse ka tlasa lehodimo lohle. Deuteronoma 4:19