Batšoaruoa ba Tšepo Lithothokiso Hobane Jehova o mamela mafutsana, mme ha a nyelise batshwaruwa ba hae. Pesaleme ya 69:33 Ho feheloa ha batšoaruoa ho ke ho fihle pel'a hao; ho ea ka boholo ba matla a hao u boloke ba reretsoeng lefu; Pesaleme ea 79:11 Sena se tla ngollwa moloko o tlang, mme setjhaba se tla bopuwa se tla rorisa Jehova. Hobane o tadimile a le sehalalelong sa hae se phahameng; Jehova o shebile lefatshe a le lehodimong; ho utlwa ho bobola ha batshwaruwa; ho lokolla ba reretsweng lefu; Pesaleme ya 102:18-20 Ntša moea oa ka teronkong, ke tle ke rorise lebitso la hao; ba lokileng ba tla mpota-pota, hobane u tla nketsa hantle. Pesaleme ea 142:7 Ho lehlohonolo eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e leng ho Jehova, Molimo oa hae: Ea entseng maholimo le lefatše, leoatle le tsohle tse ho lona: Ea bolokang 'nete ka ho sa feleng: Ea ahlolang ba hateletsoeng, ea fang ba lapileng lijo. Jehova o lokolla batšoaruoa: Pesaleme ea 146:5-7
Baprofeta Molimo Jehova, ea bōpileng maholimo, ea a atolositseng, ea atolositseng lefatše le tse tsoang ho lona, ea fang batho ba ho lona phefumoloho, le moea ho ba tsamaeang ho lona, o re: 'Na, Jehova, ke u bitsitse ka ho loka, 'me ke tla u tšoara ka letsoho, ke u boloke, 'me ke u nehe selekane sa sechaba, leseli la lichaba, ho bula mahlo a foufetseng, ho ntša batšoaruoa teronkong, le ba lutseng lefifing teronkong.' Esaia 42:5-7 Moya wa Morena Jehova o ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse ho bolella ba madimabe ditaba tse molemo; o nthomile ho tlamisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho bulela ba tlamilweng teronko; Esaia 61:1 Ha e le uena, ka mali a selekane sa hao ke lokolotse batšoaruoa ba hao ka sekoting seo ho sona ho se nang metsi. Khutlelang qhobosheaneng, lona batšoaruoa ba tšepo: esita le kajeno kea phatlalatsa hore ke tla le buseletsa habeli; Zakaria 9:11-12
Likosepele Morena o tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso o lokisitsweng bakeng sa lona ho tloha thehong ya lefatshe: Hobane ke ne ke lapile, mme le nneile dijo; ke ne ke nyorilwe, mme le nneile metsi; ke ne ke le moeti, mme le nkentse ka tlung; ke hlobotse, mme le nkapesitse; ke ne ke kula, mme le nketetse; ke ne ke le teronkong, mme le tlile ho nna. Jwale ba lokileng ba tla mo araba, ba re: Morena, re o bone neng o lapile, mme ra o fepa? kapa o nyorilwe, mme ra o fa metsi? Re o bone neng o le moeti, mme ra o amohela? kapa o hlobotse, mme ra o apesa? Kapa re o bone neng o kula, kapa o le teronkong, mme ra tla ho wena? Morena o tla
1
araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Kaha le entse jwalo ho e mong wa banabeso ba banyenyane bana, le entse jwalo ho nna. Matheu 25:34-40 Yaba o re ho bona: “Setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, le mmuso o tsohele mmuso matla: Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng dibakeng tse ngata, le ditlala, le mafu a sewa; mme ho tla ba le dipono tse tshabehang le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong. Empa pele ho tsena tsohle, ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba le neele masinagogeng, le diteronkong, le iswe pela marena le babusisi ka lebaka la lebitso la ka. Mme e tla fetoha bopaki ho lona.” Luka 21:10-13
Liketso Yaba moprista e moholo o ema, le bohle ba neng ba ena le yena, e leng sehlopha sa Basaduse, mme ba tlala kgalefo, mme ba tshwara baapostola, ba ba kenya teronkong ya setjhaba. Empa lengeloi la Morena la bula menyako ya teronko bosiu, mme la ba ntsha, la re: Eyang, le eme, le bolelle setjhaba ka tempeleng mantswe wohle a bophelo bona. Liketso 5:17-20 Ka baka leo, Petrose o ne a lebetsoe teronkong; empa kereke e ne e mo rapella ho Molimo ka tieo. Eitse ha Heroda a batla ho mo ntša, bosiung boo Petrose o ne a robetse pakeng tsa masole a mabeli, a tlamiloe ka liketane tse peli; ’me balebeli ba monyako ba ne ba lebetse teronko. ’Me bonang, lengeloi la Morena la mo fihlela, ’me leseli la khanya teronkong; la otla Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: Tsoha kapele. Liketane tsa hae tsa oa matsohong a hae. Empa a ba hoeshetsa ka letsoho hore ba khutse, a ba bolella kamoo Morena a mo ntšitseng teronkong kateng. A re: E-eang le tsebise Jakobo le baena litaba tsena. Eaba oa tsamaea, a ea sebakeng se seng. Liketso 12:5-7,17 Eitse hobane ba ba otle ka maqeba a mangata, ba ba lahlela teronkong, ba laela molebedi wa teronko hore a ba boloke ka polokeho. Eo, ka mora taelo e jwalo, a ba kenya teronkong e kahare, mme a tiisa maoto a bona ka difate. Mme bosiung bo boholo Pauluse le Silase ba rapela, ba binela Modimo dipako; mme batshwaruwa ba ba utlwa. Mme ka tshohanyetso ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hoo metheo ya teronko e ileng ya sisinyeha; mme hanghang menyako yohle ya buleha, mme mahlaahlela a bohle a lokollwa. Molebedi wa teronko ha a tsoha borokong ba hae, mme a bona menyako ya teronko e bulehile, a hula sabole ya hae, mme a re o a ipolaya, a nahana hore batshwaruwa ba balehile. Empa Pauluse a howa ka lentswe le phahameng, a re: Se intshe kotsi; hobane re mona kaofela. Yaba o bitsa lebone, a tlolela ka hare, a tla a thothomela, mme a itihela fatshe pela Pauluse le Silase, mme a ba ntsha, a re: Benghadi, ke etse eng hore ke pholohe? Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao. Ba mmolella lentsoe la Morena, le bohle ba neng ba le ka tlung ea hae. A ba nka ka nako eo ea bosiu, a hlatsoa maqeba a bona, a kolobetsoa hang-hang, eena le ba ntlo ea hae kaofela. Eitse hobane a ba tlise ka tlung ea hae, a ba behela lijo, a thaba, a lumela ho Molimo, le ba ntlo ea hae kaofela. Liketso 16:23-34
Mangolo Na ke bahlanka ba Kreste? (Ke bua jwalo ka leoatla) Ke ba feta; mesebetsing e mengata, ka dikotlo tse fetang tekanyo, ka diteronkong tse ngata, le lefung hangata. 2 Bakorinthe 11:23 Ka hona, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona, ka boikokobetso bohle le bonolo, le ka mamello, le mamellane ka lerato, le ntse le ikitlaelletsa ho boloka bonngwe ba Moya ka tlamo ya kgotso. Baefese 4:1-3
2
Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ke bopaki ba Morena wa rona, leha e le nna motshwaruwa wa hae; empa o be le kabelo matshwenyehong a Evangeli ka matla a Modimo, ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka mesebetsi ya rona, empa ka morero wa hae le ka mohau wa hae, oo re o neilweng ho Kreste Jesu pele ho lefatshe le thewang, empa jwale o bonahaditswe ka ho hlaha ha Mopholosi wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, mme a hlahisa bophelo le ho se shwe leseding ka Evangeli: eo ke beilweng ho yona mmoledi, le moapostola, le moruti wa ditjhaba. 2 Timothea 1:8-11 Pauluse, motšoaruoa oa Jesu Kreste, le Timothea, ngoan’abo rōna, ho Filemone, moratuoa oa rōna, le mosebetsi-’moho le rōna, Empa ke mpa ke u rapela ka lebaka la lerato, kaha ke le Pauluse, monnamoholo, ’me joale ke boetse ke le motšoaruoa oa Jesu Kreste. Filemone 1:1,9 Le se ke la tshaba tseo le tla hlokofatswa ka tsona; bonang, Diabolose o tla kenya ba bang ba lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome; le tshepahale ho isa lefung, mme ke tla le fa moqhaka wa bophelo. Tshenolo 2:10
3