Skip to main content

Sesotho - Miracle of Feeding the 5000 with Five Loaves and Two Fishes

Page 1

Ho Fepa Batho ba 5000 Matheu 14:13-21 13 Eitse ha Jesu a utlwa taba eo, a tloha moo ka sekepe, a ya lefeelleng a le mong; mme bongata ha bo utlwa, ba mo latela ka maoto ba tswa metseng. 14 Jesu a tswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, mme a fodisa bakudi ba bona. 15 Eitse ha mantsiboya a eba, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Mona ke nahathothe, mme nako e se e fetile; kgutlisa bongata, bo ye metsaneng, bo ithekele dijo. 16 Jesu a re ho bona: Ha ba na ho tsamaya; ba fepeng lona. 17 Ba re ho yena: Ha re na letho mona, haese mahobe a mahlano feela le ditlhapi tse pedi. 18 A re: Li tliseng mona ho 'na. 19 Yaba o laela bongata hore bo dule hodima jwang, mme a nka mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi, mme a lelalla lehodimong, a boka, mme a a roba, mme a a nea barutuwa ba hae mahobe, mme barutuwa ba a nea bongata. 20 Bohle ba ja, ba kgora, mme ha nkuwa dingwathwana tse setseng, tsa tlala diroto tse leshome le metso e mmedi. 21 Mme ba jele e ne e le banna ba ka bang dikete tse hlano, ntle ho basadi le bana.

Mareka 6:30-44 30 Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mo tsebisa tsohle tseo ba di entseng le tseo ba di rutileng. 31 A re ho bona: “ Tloong le le bang sebakeng se lehoatata, le phomole hanyane.” Hobane ho ne ho ena le ba bangata ba tlang le ba tsamayang, mme ba ne ba se na nako ya ho ja. 32 Ba tsamaya ka sekepe ba le bang, ba ya sebakeng se se nang batho. 33 Batho ba ba bona ba tsamaya, mme ba bangata ba mo tseba, mme ba mathela teng ka maoto ba tswa metseng yohle, ba ba feta, mme ba phuthehela ho yena. 34 Jesu, ha a tswa, a bona bongata bo boholo, mme a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba le jwalo ka dinku tse se nang modisa; mme a qala ho ba ruta dintho tse ngata.

1


35 Eitse ha letsatsi le se le ile haholo, barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba re: Mona ke nahathothe, mme jwale nako e se e ile haholo; 36 Ba lokolle, ba ye metsaneng le metsaneng e re teetseng hare, ba ithekele bohobe; hobane ha ba na seo ba ka se jang. 37 A araba, a re ho bona: “ Ba fepeng lona!” Ba re ho yena: “Na re ka ya reka bohobe ba didenare tse makgolo a mabedi, ra ba fa bona hore ba je?” 38 A re ho bona: “ Le na le mahobe a makae? Eyang, le bone.” Ha ba se ba tsebile, ba re: “A mahlano, le ditlhapi tse pedi.” 39 Yaba o ba laela hore ba dudise bohle ka dihlopha hodima jwang bo botala. 40 Ba dula fatshe ka makgotla, ka makgolo, le ka mashome a mahlano. 41 Eitse hobane a nke mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a hlohonolofatsa, a ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae hore ba a behe pela bona; mme ditlhapi tse pedi a di arolela bohle. 42 Bohle ba ja, ba kgora. 43 Yaba ba nka diroto tse leshome le metso e mmedi tse tletseng dingwathwana, le tsa ditlhapi. 44 Mme ba jele bohobe e ne e le banna ba ka bang dikete tse hlano.

Luka 9:10-17 10 Baapostola, ha ba kgutla, ba mo phetela tsohle tseo ba di entseng; mme a ba nka, a ya boinotshing, sebakeng se ka thoko, motseng o bitswang Bethsaida. 11 Mme bongata, ha bo tseba, ba mo latela; mme a ba amohela, a ba bolella tsa mmuso wa Modimo, mme a fodisa ba hlokang phodiso. 12 Eitse ha letsatsi le qala ho rapama, ba leshome le metso e mmedi ba tla, ba re ho yena: Kgutlisa bongata, ba tle ba ye metseng le metsaneng e re teetseng hare, ba robale, mme ba reke dijo; hobane mona re feelleng. 13 Empa a re ho bona: “ Ba fepeng lona!” Ba re: “Ha re na letho haese mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi feela, haese hore re ye ho rekela setjhaba sena sohle nama.” 14 Hobane e ne e le banna ba ka bang dikete tse hlano. Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ba dudiseng ka dihlopha tsa batho ba mashome a mahlano. 15 Ba etsa jwalo, mme ba ba dudisa kaofela. 16 Yaba o nka mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a a hlohonolofatsa, a a ngwatha, mme a a nea barutuwa hore ba a abele bongata. 17 Ba ja, ba kgora bohle; mme ha nkuwa diroto tse leshome le metso e mmedi tsa masalla a bona.

Johanne 6:1-14 1 Kamora tseo, Jesu a ya mose ho lewatle la Galelea, e leng lewatle la Tiberiase. 2 Mme bongata bo boholo ba mo latela, hobane ba bone mehlolo ya hae eo a e entseng ho ba kulang. 3 Jesu a nyolohela thabeng, mme a dula moo le barutuwa ba hae. 4 Paseka, mokete oa Bajuda, e ne e le haufi. 5 Eitse ha Jesu a phahamisa mahlo, mme a bona bongata bo boholo bo etla ho yena, a re ho Filipi: Re tla reka bohobe kae, hore bana ba je? 6 Mme sena o se buile ho mo leka: hobane o ne a tseba seo a tla se etsa. 7 Filipi a mo araba, a re: Mahobe a didenare tse makgolo a mabedi a ke ke a ba lekana, hore e mong le e mong wa bona a nke hanyane. 8 E mong oa barutuoa ba hae, Andrease, ngoan'abo Simone Petrose, a re ho eena: 9 Moshanyana o teng mona, ya nang le mahobe a mahlano a harese, le ditlhapi tse pedi tse nyane; empa tseo ke eng ha ba bangata hakaale?

2


10 Jesu a re: “ Dudisang batho fatshe.” Jwale jwang bo ne bo le bongata sebakeng seo. Banna ba dula fatshe, palo ya bona e ka ba dikete tse hlano. 11 Jesu a nka mahobe, mme ha a lebohile, a abela barutuwa, mme barutuwa ba abela ba dutseng fatshe, le ditlhapi ka ho tshwana kamoo ba neng ba rata kateng. 12 Eitse hobane ba kgore, a re ho barutuwa ba hae: Bokellang dingwathwana tse setseng, hore ho se ke ha senyeha letho. 13 Ba di bokella, mme ba tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi ka dingwathwana tsa mahobe a mahlano a harese, tse setseng ho ba jele. 14 Eitse ha batho bao ba bona mohlolo oo Jesu a o entseng, ba re: Enwa ke moporofeta eo ho itsweng a tle lefatsheng.

3


Turn static files into dynamic content formats.

Create a flipbook